Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Samuele 13:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Joale ’muso oa hao o ke ke oa tšoarella.+ Ka sebele Jehova o tla iphumanela monna ea ratoang ke pelo ea hae;+ ’me Jehova o tla mo beha hore e be moeta-pele+ oa batho ba hae, hobane ha ua ka ua boloka seo Jehova a u laetseng sona.”+

  • 1 Samuele 16:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Qetellong Jehova a re ho Samuele: “U tla ’ne u siame ka lebaka la Saule halelele hakae,+ ha ’na, ka lehlakoreng le leng, ke mo lahlile hore a se ke a busa e le morena oa Iseraele?+ Tlatsa lenaka la hao ka oli+ ’me u tsamaee. Ke tla u romela ho Jese+ Mobethlehema, hobane ke iphumanetse morena har’a bara ba hae.”+

  • 1 Likronike 28:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 “Uena, mora oa ka Solomone, tseba+ Molimo oa ntat’ao ’me u mo sebeletse+ ka pelo+ e feletseng le ka moea+ o thabileng; etsoe Jehova o phenya+ lipelo tsohle, ’me o lemoha+ tšekamelo e ’ngoe le e ’ngoe ea menahano. Haeba u mo batla, o tla etsa hore u mo fumane;+ empa haeba u mo tlohela,+ o tla u lahla ka ho sa feleng.+

  • Liketso 13:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 Ka mor’a ho mo tlosa,+ a ba hlahisetsa Davida e le morena,+ eo a ileng a paka mabapi le eena a re, ‘Ke fumane Davida mora oa Jese,+ monna ea ratoang ke pelo ea ka,+ ea tla etsa lintho tsohle tseo ke li lakatsang.’+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela