Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Samuele 14:49
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 49 Bara ba Saule ea e-ba Jonathane+ le Ishvi le Malki-shua,+ ’me, ha e le mabitso a barali ba hae ba babeli, lebitso la ea tsoetsoeng pele e ne e le Merabe+ ’me lebitso la e monyenyane e le Mikale.+

  • 1 Samuele 19:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Hamorao Saule a romela manģosa+ ntlong ea Davida ho e lebela le ho etsa hore a bolaoe hoseng;+ empa mosali oa hae Mikale a bolella Davida, a re: “Haeba u sa balehise moea oa hao bosiung bona, hosasane u tla be u le monna ea bolailoeng.”

  • 1 Samuele 25:44
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 44 Ha e le Saule, o ne a fane ka morali oa hae Mikale,+ mosali oa Davida, ho Palti+ mora oa Laishe, ea neng a tsoa Galime.+

  • 2 Samuele 3:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Eaba o re: “Ke hantle! Ke tla hlaba selekane le uena. Ho na le ntho e le ’ngoe feela eo ke e kōpang ho uena, ke re, ‘U se ke ua talima sefahleho+ sa ka ntle le hore pele u tlise Mikale,+ morali oa Saule, ha u tlil’o bona sefahleho sa ka.’”

  • 2 Samuele 6:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Eitse ha areka ea Jehova e kena Motseng oa Davida, Mikale,+ morali oa Saule, a talima tlaase ka fensetere a bona Morena Davida a tlōla ’me a tjeka ka pel’a Jehova; a qala ho mo nyelisa+ ka pelong ea hae.+

  • 1 Likronike 15:29
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 29 Eitse ha areka ea selekane+ sa Jehova e fihla Motseng oa Davida, Mikale,+ morali oa Saule, a talima tlaase ka fensetere ’me a bona Morena Davida a tlōla-tlōla a keteka;+ a qala ho mo nyelisa+ ka pelong ea hae.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela