Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Numere 4:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 “Arone le bara ba hae ba qete ho koahela sebaka+ se halalelang le lisebelisoa+ tsohle tsa sebaka se halalelang ha batho ba lulang liahelong ba tloha, ka mor’a moo bara ba Kohathe ba tla kena ho tla li nka,+ empa ba se ke ba ama+ sebaka se halalelang e le hore ba se ke ba shoa. Lintho tsena ke mojaro oa bara ba Kohathe ka tenteng ea pokano.+

  • Numere 4:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 Empa le ba etsetse sena hore ruri ba tsoele pele ba phela ’me ba se ke ba shoa ka lebaka la ho atamela ha bona lintho+ tse halalelang ka ho fetisisa. Arone le bara ba hae ba tla kena, ’me ba tla abela e mong le e mong tšebeletso ea hae le mojaro oa hae.

  • Numere 4:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Ba se ke ba kena ho tla bona lintho tse halalelang leha e le ka motsotsoana, ’me kahoo ba shoa.”+

  • 1 Likronike 15:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 E bile nakong eo Davida a ileng a re: “Ha ho ea lokelang ho jara areka ea Molimo oa ’nete haese Balevi, etsoe ke bona bao Jehova a ba khethileng hore ba jare areka ea Jehova+ le ho mo sebeletsa+ ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”

  • Liproverbia 11:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Na ho iketelletsa pele ho tlile? Joale ho se hlomphehe ho tla tla;+ empa bohlale bo ho ba inyenyefatsang.+

  • Liproverbia 21:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 Moithorisi ea iketelletsang pele, ea ikhopolang ho tlōla ke lebitso la ea etsang ka khalefo ea ho iketelletsa pele.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela