Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 49:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Lere la borena le ke ke la sutha ho Juda,+ leha e le lere la molaoli pakeng tsa maoto a hae, ho fihlela Shilo a tla;+ ’me lichaba li tla mo mamela.+

  • Numere 24:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Ke tla mo bona,+ empa eseng hona joale;

      Ke tla mo bona, empa eseng haufi.

      Ka sebele naleli+ e tla tsoa ho Jakobo,

      ’Me ruri lere la borena le tla hlaha ho Iseraele.+

      Ka sebele o tla pshatla litlhafunelo tsa hlooho+ ea Moabe

      Le mahata a bara bohle ba morusu oa ntoa.

  • Deuteronoma 9:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Hase ka ho loka+ ha hao kapa ka ho loka ha pelo+ ea hao u tlang ho rua naha ea tsona; ha e le hantle, ke ka bokhopo ba lichaba tsena Jehova Molimo oa hao a li lelekang ka pel’a hao,+ e le hore a phethe lentsoe leo Jehova a le hlapanyelitseng baholo-holo ba hao, Abrahama,+ Isaka+ le Jakobo.+

  • Joshua 23:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 “Joale, bonang! kajeno ke tsamaea ka tsela ea lefatše lohle,+ ’me le tseba hantle ka lipelo tsa lōna tsohle le ka meea ea lōna eohle hore ha ho lentsoe leha le le leng mantsoeng ’ohle a molemo ao Jehova Molimo oa lōna a le boleletseng ’ona le hlōlehileng ho phethahala. A phethahetse kaofela bakeng sa lōna. Ha ho lentsoe leha le le leng la ’ona le hlōlehileng ho phethahala.+

  • Esaia 55:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 le lentsoe la ka le tsoang molomong oa ka le tla ba joalo.+ Le ke ke la khutlela ho ’na le se na litholoana,+ empa ka sebele le tla etsa seo ke se thabelang,+ ’me ka sebele le tla atleha ho seo ke le rometseng sona.+

  • Luka 1:55
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 55 feela joalokaha a ile a bolella baholo-holo ba rōna, Abrahama le peō ea hae, ka ho sa feleng.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela