Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Pesaleme 141:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  4 U se ke ua sekamisetsa pelo ea ka nthong leha e le efe e mpe,+

      Hore ke etse liketso tse tummeng hampe ka bokhopo+

      Hammoho le batho ba tloaetseng ho etsa se kotsi,+

      E le hore ke se ke ka ja lintho tsa bona tse monate.+

  • 1 Bakorinthe 5:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Empa joale ke le ngolla hore le khaotse ho itsoakanya hammoho+ le mang kapa mang ea bitsoang mor’abo rōna eo e leng sehlola kapa motho ea meharo+ kapa morapeli oa litšoantšo kapa ea litlhapa kapa letahoa+ kapa mohanyapetsi, esita le ho ja le se ke la ja le motho ea joalo.

  • Baefese 5:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 ’me le khaotse ho kopanela+ le bona mesebetsing e sa beheng ea lefifi,+ empa, ho e-na le hoo, le be le ba khalemele,+

  • 2 Johanne 11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Etsoe ea mo lumelisang o kopanela mesebetsing+ ea hae e khopo.

  • Tšenolo 18:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Ka utloa lentsoe le leng le tsoang leholimong le re: “Tsoang ho eena, sechaba sa ka,+ haeba le sa batle ho kopanela le eena libeng tsa hae,+ le haeba le sa batle ho amohela karolo ea likotlo tsa hae.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela