12 bona! ka sebele ke tla etsa tumellanong le mantsoe a hao.+ Bona! Ka sebele ke tla u fa pelo e bohlale le e nang le kutloisiso,+ hoo ho seng ea tšoanang le uena ea bileng teng pele ho uena, ’me ka mor’a hao ho ke ke ha hlaha ea tšoanang le uena.+
28 Baiseraele bohle ba utloa ka qeto ea boahloli+ eo morena a neng a e fetisitse; ba tšoha ka lebaka la morena,+ kaha ba ne ba bone hore bohlale+ ba Molimo bo ho eena hore a phethise qeto ea boahloli.