4 ’me a sa e tlise monyako oa tente ea pokano+ ho e hlahisa e le nyehelo ho Jehova ka pel’a tabernakele ea Jehova, motho eo o tla balloa molato oa mali. O tšolotse mali, ’me motho eo a felisoe har’a batho+ ba habo,
30 Ka sebele ke tla felisa libaka tsa lōna tse phahameng+ tse halalelang ’me ke heletse liluloana tsa lōna tsa libano ’me ke behe litopo tsa lōna holim ’a litopo tsa litšoantšo tsa lōna tse rapeloang tse nyonyehang;+ ’me moea oa ka o tla le nyonya.+
6 Le tlise teng linyehelo tsa lōna tsa secheso+ le mahlabelo a lōna le likarolo tsa lōna tsa leshome+ le monehelo oa matsoho+ a lōna le linyehelo tsa lōna tsa boitlamo+ le linyehelo tsa lōna tsa boithaopo+ le matsibolo a mehlape ea lōna ea liphoofolo tse khōlō le a mehlape ea lōna ea likhutšoane.+
43 A ’na a tsamaea tseleng eohle ea ntat’ae Asa. Ha aa ka a e kheloha, ka hore a etse se nepahetseng mahlong a Jehova.+ Ke libaka tse phahameng feela tse sa kang tsa nyamela. Batho ba ne ba ntse ba etsa mahlabelo le ho etsa mosi oa sehlabelo libakeng tse phahameng.+