16 Empa ba ne ba fetola manģosa a Molimo oa ’nete litšeho+ ba sa khaotse ’me ba nyelisa mantsoe+ a hae le ho soma+ baprofeta ba hae, ho fihlela khalefo+ ea Jehova e tlela batho ba hae, ho fihlela ho se na pholiso.+
14 Sione baetsalibe ba tšohile;+ ho thothomela ho tšoere bakoenehi:+ ‘Ke mang ho rōna ea ka lulang ka nako leha e le efe mollong o timetsang?+ Ke mang ho rōna ea ka lulang ka nako leha e le efe khanareng e tšoarellang halelele?’+
20 Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Bonang! Bohale ba ka le khalefo ea ka li tšolleloa sebakeng sena,+ molokong oa batho le liphoofolong tse ruuoang, le sefateng sa tšimo+ le litholoaneng tsa naha; e tla tuka, ’me e ke ke ea tima.’+
27 “‘“Empa haeba le sa ’mamele ka ho halaletsa letsatsi la sabatha le ka ho se jare mojaro,+ empa le kena ka oona lihekeng tsa Jerusalema ka letsatsi la sabatha, ke tla hotetsa mollo lihekeng tsa eona,+ ’me ka sebele o tla chesa litora tsa bolulo tsa Jerusalema+ ’me o ke ke oa tima.”’”+