Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jeremia 25:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 Lentsoe le ileng la hlaha ho Jeremia malebana le sechaba sohle sa Juda selemong sa bone sa Jojakime+ mora oa Josiase, morena oa Juda, ke hore, selemo sa pele sa Nebukadrezare morena oa Babylona;

  • Jeremia 46:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Bakeng sa Egepeta,+ malebana le lebotho la sesole la Faro Neko morena oa Egepeta,+ ea neng a le pel’a nōka ea Eufrate Karkemishe,+ eo Nebukadrezare morena oa Babylona a ileng a mo hlōla ka selemo sa bone sa Jojakime+ mora oa Josiase, morena oa Juda:

  • Daniele 1:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 1 Ka selemo sa boraro sa ho busa ha Jojakime+ morena oa Juda, Nebukadnezare morena oa Babylona a tla Jerusalema ’me a e thibella.+

  • Daniele 3:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Morena Nebukadnezare a etsa setšoantšo+ sa khauta, seo bophahamo ba sona e neng e le litsoe tse mashome a tšeletseng ’me bophara ba sona e le litsoe tse tšeletseng. A se emisa thoteng ea Dura profinseng ea Babylona.+

  • Daniele 4:33
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 33 Ka motsotso oo+ lentsoe la phethahala holim ’a Nebukadnezare, ’me o ne a lelekoa ho moloko oa batho, ’me a qala ho ja limela joaloka lipoho, ’mele oa hae oa kolobisoa ke phoka ea maholimo, ho fihlela moriri oa hae o e-ba molelele joaloka masiba a ntsu ’me manala a hae a e-ba malelele joaloka linala tsa nonyana.+

  • Daniele 4:37
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 37 “Joale ’na, Nebukadnezare, kea rorisa ’me ke phahamisa le ho tlotlisa Morena oa maholimo,+ hobane mesebetsi ea hae kaofela ke ’nete ’me litsela tsa hae ke toka,+ le hobane ba tsamaeang ka boikakaso o khona ho ba kokobetsa.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela