21 bara ba bona ba neng ba siiloe ka mor’a bona naheng bao bara ba Iseraele ba neng ba sa khona ho ba nehela timetso,+ Solomone a ’na a ba ngolisa bakeng sa mosebetsi o qobelloang oa bokhoba ho fihlela letsatsing lena.+
17 Joale Solomone a bala banna bohle bao e neng e le bajaki, ba neng ba le naheng ea Iseraele,+ ka mor’a hore ntat’ae Davida a ba bale;+ ha fumanoa ba likete tse lekholo le mashome a mahlano a metso e meraro le makholo a tšeletseng.