Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Likronike 5:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Ba thusoa ho ba loantša, hoo Bahagare le bohle ba neng ba e-na le bona ho ileng ha nehelanoa ka bona matsohong a bona, etsoe ba ile ba hoeletsa ho Molimo ho kōpa thuso+ ntoeng, ’me a itumella hore a kōptjoe ka tieo molemong oa bona hobane ba ne ba mo tšepile.+

  • 2 Likronike 14:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Asa a qala ho hoeletsa ho Jehova Molimo+ oa hae a re: “Jehova, ha e le ka ho thusa, ha ho tsotellehe ho uena hore na ke ba bangata kapa ke ba se nang matla.+ Re thuse, Jehova Molimo oa rōna, etsoe re itšetlehile+ ka uena, ’me re futuhetse bongata bona ka lebitso+ la hao. Jehova, u Molimo oa rōna.+ U se ke ua lumella motho ea shoang hore a be matla khahlanong le uena.”+

  • Pesaleme 33:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Meea ea rōna e ’nile ea lebella Jehova.+

      Ke eena mothusi oa rōna le thebe ea rōna.+

  • Liketso 26:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 Leha ho le joalo, kahobane ke fumane thuso+ e tsoang ho Molimo ke tsoela pele ho fihlela letsatsing lena ho pakela ba banyenyane hammoho le ba baholo, empa ke sa bolele letho haese lintho tseo Baprofeta+ hammoho le Moshe+ ba ileng ba bolela hore li ne li tla etsahala,

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela