Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Numere 5:27
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 27 Ha a mo noesitse metsi, haeba a itšilafalitse ka hore ebe o entse ketso ea ho se tšepahale ho monna oa hae,+ joale metsi a tlisang thohako a tla kena ho eena e le ntho e babang, ’me mpa ea hae e tla ruruha, le serope sa hae se senyehe, ’me mosali eo e tla ba thohako har’a batho ba habo.+

  • 2 Marena 9:26
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 ‘“Ka sebele maobane ke bone mali+ a Nabothe le mali a bara+ ba hae,” ho bolela Jehova, “’me ka sebele ke tla u buseletsa+ tšimong ena,” ho bolela Jehova.’ Kahoo joale, mo phahamise; u mo lahlele tšimong ho ea ka lentsoe la Jehova.”+

  • Jobo 34:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Etsoe o tla putsa+ motho oa lefatše ho ea ka tsela eo a sebetsang ka eona,

      O tla etsa hore motho a etsahalloe ke ho hong ho ea ka tsela ea hae.

  • Liproverbia 1:31
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 31 Kahoo ba tla ja litholoana tsa tsela ea bona,+ ’me ba tla khora merero ea bona haholo.+

  • Esaia 3:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Ho malimabe ea khopo!—Tlokotsi; etsoe o tla tšoaroa ka tsela eo a tšoereng ba bang ka eona!+

  • Bagalata 6:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Le se ke la thetsoa:+ Molimo a ke ke a songoa.+ Etsoe leha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule;+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela