7 Ke mang ea sa lokelang ho u tšaba,+ Uena Morena oa lichaba,+ etsoe hoo ho u loketse; hobane har’a bohle ba bohlale ba lichaba le har’a borena bohle ba bona ha ho ea tšoanang le uena ka tsela leha e le efe.+
7 le re ka lentsoe le phahameng: “Tšabang Molimo+ ’me le mo tlotlise,+ hobane hora ea ho ahlola ha hae e fihlile,+ kahoo le rapele Ea entseng+ leholimo le lefatše le leoatle le liliba tsa metsi.”+