Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Likronike 14:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Asa a qala ho hoeletsa ho Jehova Molimo+ oa hae a re: “Jehova, ha e le ka ho thusa, ha ho tsotellehe ho uena hore na ke ba bangata kapa ke ba se nang matla.+ Re thuse, Jehova Molimo oa rōna, etsoe re itšetlehile+ ka uena, ’me re futuhetse bongata bona ka lebitso+ la hao. Jehova, u Molimo oa rōna.+ U se ke ua lumella motho ea shoang hore a be matla khahlanong le uena.”+

  • 2 Likronike 18:31
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 31 Eitse hang ha baokameli ba likoloi ba bona Josafate, ba ipolella ho re: “Ke morena oa Iseraele.”+ Kahoo ba khelohela ka thōko hore ba mo loantše; Josafate a qala ho hoeletsa ho kōpa thuso,+ ’me Jehova a mo thusa,+ ’me hang-hang Molimo a ba leleka ho eena.+

  • Pesaleme 46:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 46 Molimo ke setšabelo le matla a rōna,+

      Thuso e fumanoang hang-hang nakong ea mahlomola.+

  • Pesaleme 50:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Le mpitse letsatsing la mahlomola.+

      Ke tla le pholosa, ’me le tla ntlotlisa.”+

  • Pesaleme 118:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Tsa mpota-pota joaloka linotši;+

      Tsa felisoa joaloka mollo oa lihlahla tse meutloa.+

      Ka ’na ka li boloka li le hōle ka lebitso la Jehova.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela