20 Davida a tsoela pele ho re ho mora oa hae Solomone: “E-ba sebete+ u be matla ’me u nke bohato. U se ke ua tšoha+ kapa ua haroha letsoalo,+ etsoe Jehova Molimo, Molimo oa ka, o na le uena.+ A ke ke a u lahla+ kapa a u tlohela ho fihlela mosebetsi oohle oa tšebeletso ea ntlo ea Jehova o phethiloe.
13 “Ke tsositse e mong ka ho loka,+ ’me ke tla otlolla litsela tsohle tsa hae.+ Ke eena ea tla haha motse oa ka,+ ’me o tla tlohela ba ka ba isitsoeng kholehong hore ba se ke ba tsamaea,+ ka tefello+ kapa tjotjo,” ho boletse Jehova oa mabotho.