10 Etsoe feela joalokaha pula e tšolohang, le lehloa, li theoha maholimong ’me li sa khutlele sebakeng seo, ntle le hore li nosetse lefatše ’me li etse hore le be le lihlahisoa ’me le hlomele,+ ’me mojali a fumane peō le ea jang a fumane bohobe,+
22 Na har’a litšoantšo tse rapeloang tsa lefeela+ tsa lichaba ho na le se ka nesang pula, kapa na le maholimo a ka fana ka lipula tsa melupe?+ Jehova Molimo oa rōna,+ na hase Uena ea ka etsang joalo? Re u tšepile, etsoe u entse lintho tsena tsohle.+