Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 55:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Motho ea khopo a tlohele tsela+ ea hae, le motho ea kotsi a tlohele menahano+ ea hae; a ke a khutlele ho Jehova, ea tlang ho mo hauhela,+ le ho Molimo oa rōna, etsoe o tla tšoarela ka tsela e khōlō.+

  • Ezekiele 33:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 E-re ho bona, ‘“Ka ’na ea phelang,” ho bolela ’Musi Morena Jehova, “ha ke khahloe ke lefu la ea khopo,+ empa ke khahloa ke ha ea khopo a furalla+ tsela ea hae ’me a lula a phela.+ Furallang, furallang litsela tsa lōna tse mpe,+ etsoe ke hobane’ng ha le lokela ho shoa, Lōna ba ntlo ea Iseraele?”’+

  • Habakuke 1:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Ke hobane’ng ha u etsa hore ke bone se kotsi, ’me u ntse u talima khathatso feela? Ke hobane’ng ha tlatlapo le pefo li le ka pel’a ka, hape ke hobane’ng ha qabang e e-ba teng, ’me ke hobane’ng ha tsekisano e ntšetsoa pele?+

  • Habakuke 1:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Mahlo a hao a hloekile haholo hore u ka talima se sebe; ’me ha u khone ho talima khathatso.+ Ke hobane’ng ha u talima ba sebetsang ka bolotsana,+ hore u khutse ha ea khopo a metsa ea lokileng ho mo feta?+

  • Baroma 9:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Etsoe Lengolo le re ho Faro: “Ke u tloheletse hore u ’ne u be teng ka lebaka lona lena, e le hore mabapi le uena nka bontša matla a ka, le hore lebitso la ka le ka boleloa lefatšeng lohle.”+

  • Baroma 9:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 Joale, haeba Molimo, le hoja a e-na le takatso ea ho bontša khalefo ea hae le ho tsebahatsa matla a hae, a mameletse ka tiisetso e khōlō lijana tsa khalefo tse entsoeng hore li lokele timetso,+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela