11 Hamorao Saule a romela manģosa+ ntlong ea Davida ho e lebela le ho etsa hore a bolaoe hoseng;+ empa mosali oa hae Mikale a bolella Davida, a re: “Haeba u sa balehise moea oa hao bosiung bona, hosasane u tla be u le monna ea bolailoeng.”
3 Ka hona Judase a nka sehlopha sa masole le balaoli ba baprista ba ka sehloohong le ba Bafarisi ’me ba tla moo ba nkile lirumula le mabone le lihlomo.+
28 Joale ba tlosa Jesu ho Kaifase ba mo isa ntlong+ ea ’muso ea ’musisi. Joale e ne e le hoseng. Empa ha baa ka ba kena ka tlung ea ’muso ea ’musisi, e le hore ba se ke ba silafala+ empa e le hore ba je paseka.
24 Leha ho le joalo, morero oa bona o mobe khahlanong le eena oa tsejoa ke Saule. Empa ba ne ba shebile ka hloko le liheke bosiu le motšehare e le hore ba mo bolaee.+