Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Joshua 24:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 “Joale tšabang Jehova+ ’me le mo sebeletse ka ho hloka molato le ka ’nete,+ ’me le tlose melimo eo baholo-holo ba lōna ba neng ba e sebeletsa ka lehlakoreng le leng la Nōka le Egepeta,+ ’me le sebeletse Jehova.

  • 1 Samuele 12:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 Le mpe le tšabe+ Jehova, ’me le mo sebeletse ka ’nete ka lipelo tsohle tsa lōna;+ etsoe bonang hore na o le etselitse lintho tse khōlō hakaakang.+

  • Pesaleme 43:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  3 Romela leseli la hao le ’nete ea hao.+

      E se eka li ka ntsamaisa.+

      E se eka li ka ntlisa thabeng ea hao e halalelang le tabernakeleng ea hao e khōlō.+

  • Esaia 38:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 o re: “Ke etsa thapeli ho uena Jehova, ka kōpo, hopola+ kamoo ke tsamaileng+ ka pel’a hao ka ’nete+ le ka pelo e feletseng,+ ’me ke entse se molemo mahlong a hao.” Ezekiase a qala ho lla haholo.+

  • Malakia 2:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Molao oa ’nete o bile molomong oa hae,+ ’me ha ho na ho se loke ho neng ho tla fumanoa molomong oa hae. O tsamaile le ’na ka khotso le ka ho loka,+ ’me o khutlisitse ba bangata phosong.+

  • Johanne 8:32
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 32 le tla tseba ’nete,+ ’me ’nete e tla le lokolla.”+

  • 2 Johanne 4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Ke thaba haholo hobane ke fumane ba bang ba bana+ ba hao ba tsamaea ’neteng,+ feela joalokaha re ile ra amohela taelo e tsoang ho Ntate.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela