Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 11:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Empa naha eo le tšelang ho ea e rua ke naha ea lithaba le lithota.+ E noa metsi a pula ea maholimo;

  • Jobo 38:37
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 37 Ke mang ea ka balang maru hantle ka bohlale,

      Kapa linkho tsa metsi tsa leholimo—ke mang ea ka li thulamisang,+

  • Pesaleme 147:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  8 Eena Ea koahelang maholimo ka maru,+

      Ea lokisang pula bakeng sa lefatše,+

      Ea etsang hore lithaba li hlahise joang bo botala.+

  • Jeremia 10:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Ha a bua o fana ka metsi a entseng molumo maholimong,+ ’me o nyolla mouoane pheletsong ea lefatše.+ O entse le mekoallo ea metsi bakeng sa pula,+ ’me o hlahisa moea matlong a hae a polokelo.+

  • Amose 9:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 “‘Ea hahang litepisi tsa hae maholimong,+ le mohaho oa hae holim ’a lefatše leo a le thehileng;+ ea bitsang metsi a leoatle,+ e le hore a ka a tšollela holim ’a lefatše+—lebitso la hae ke Jehova.’+

  • Zakaria 10:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 “Etsang likōpo tsa lōna ho Jehova bakeng sa pula+ nakong ea pula ea selemo,+ ho Jehova ea etsang maru a sefefo,+ le ea fanang ka pula ea litloebelele ho bona,+ ea fanang ka limela ho e mong le e mong tšimong.+

  • Matheu 5:45
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 45 e le hore le ka ba bara ba Ntat’a lōna ea leng maholimong,+ kaha o chabisetsa batho ba khopo le ba molemo letsatsi la hae ’me o nesetsa batho ba lokileng le ba sa lokang+ pula.

  • Liketso 14:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 le hoja, ka sebele, a sa ka a itlohela ntle ho bopaki ka hore o ile a etsa se molemo,+ a le fa lipula+ tse tsoang leholimong le linako tse behang, a tlatsa lipelo tsa lōna ka ho phethahetseng ka lijo le ho hlasimoloha ho molemo.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela