8 Ke tla fa uena le peō ea hao e tlang ka mor’a hao naha ea bojaki ba hao,+ esita le naha eohle ea Kanana, hore le e rue ho isa nakong e sa lekanyetsoang; ’me ke tla ba Molimo oa eona.”+
5 Leha ho le joalo ha aa ka a mo fa lefa leha e le lefe ho eona, che, leha e le bophara ba leoto;+ empa a tšepisa ho mo fa eona hore a e rue,+ le ho e fa peō+ ea hae ka mor’a hae, ha a ne a sa ntse a e-s’o be le ngoana.+
9 Ka tumelo o ile a lula e le mojaki naheng ea tšepiso joaloka naheng+ esele, ’me a lula litenteng+ le Isaka+ le Jakobo,+ majalefa le eena a tšepiso eona eo e tšoanang.+