Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Baahloli 6:31
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 31 Eaba Joashe+ o re ho bohle ba neng ba eme khahlanong le eena:+ “Na e tla ba lōna ba etsang tšireletso ea molao bakeng sa Baale ho bona hore na le ka mo pholosa? Mang kapa mang ea etsang tšireletso ea molao bakeng sa hae o tšoanela ho bolaoa hoseng hona.+ Haeba ke Molimo,+ a ke a iketsetse tšireletso ea molao,+ hobane motho e mong o helelitse aletare ea hae.”

  • 1 Samuele 24:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Jehova e tla ba moahloli, ’me o tla ahlola pakeng tsa ka le uena, ’me o tla bona ’me o tla ntsamaisetsa nyeoe+ a nkahlole hore a ntokolle letsohong la hao.”

  • Pesaleme 35:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 35 Jehova, u tsamaise nyeoe ea ka khahlanong le bahanyetsi ba ka;+

      U loantše ba ntoantšang.+

  • Pesaleme 43:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 43 Nkahlole,+ Molimo,

      U tsamaise nyeoe+ ea ka khahlanong le sechaba se sa tšepahaleng.

      E se eka u ka mpholosa ho motho ea thetsang le ea sa lokang.+

  • Liproverbia 22:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 Etsoe Jehova o tla buella nyeoe ea bona,+ ’me ka sebele o tla tlatlapa moea oa ba ba tlatlapang.+

  • Liproverbia 23:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Etsoe Molopolli oa bona o matla; o tla buella nyeoe ea bona ho uena.+

  • Jeremia 50:34
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 34 Morekolli oa bona o matla,+ lebitso la hae ke Jehova oa mabotho.+ Ruri o tla tsamaisa nyeoe ea bona,+ e le hore a fe naha+ phomolo ’me a bake pherekano ho baahi ba Babylona.”+

  • Lillo Tsa Jeremia 3:59
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 59 Jehova, u bone phoso e entsoeng ho ’na.+ U tsamaise kahlolo bakeng sa ka.+

  • Mikea 7:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Ke tla jara khalefo ea Jehova—kaha ke mo sitetsoe+—ho fihlela a tsamaisa nyeoe ea ka ’me a phethisa toka bakeng sa ka.+ O tla ntlisa leseling; ke tla talima ho loka ha hae.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela