15 “‘Le se ke la etsa ka ho hloka toka kahlolong. Le se ke la tšoara ea tlaase ka leeme,+ ’me le se ke la emela e moholo.+ Le ahlole oa habo lōna ka toka.
17 Le se ke la ba leeme kahlolong.+ Le lokela ho utloa e monyenyane le e moholo ka ho tšoana.+ Le se ke la tšosoa ke motho,+ etsoe kahlolo ke ea Molimo;+ nyeoe e boima haholo bakeng sa lōna, le lokela ho e hlahisa ho ’na, ’me ke tla e mamela.’+
19 U se ke ua khopamisa kahlolo.+ U se ke ua ba leeme+ kapa ua amohela tjotjo, etsoe tjotjo e foufatsa mahlo a ba bohlale+ ’me e khopamisa mantsoe a ba lokileng.
7 Joale le ke le oeloe ke tšabo+ ea Jehova.+ Hlokomelang ’me le nke bohato,+ etsoe ho Jehova Molimo oa rōna ha ho na ho se loke+ kapa leeme+ kapa ho nka tjotjo.”+
21 Ke u laela ka tieo ka pel’a Molimo le Kreste Jesu+ le mangeloi a khethiloeng hore u boloke lintho tsena kantle ho ho ahlola esale pele, u sa etse letho ho ea ka tšekamelo+ e leeme.
17 Ho feta moo, haeba le ipiletsa ho Ntate ea ahlolang ka ho hloka leeme+ ho ea ka mosebetsi oa e mong le e mong, le itšoare ka tšabo+ nakong ea ho lula ha lōna ka bojaki.+