Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 11:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Ka sebele bahlanka bana bohle ba hao ba tla theohela ho ’na ’me ba itihele fatše ka lifahleho ho ’na,+ ba re, ‘Tsamaea, uena le sechaba sohle se latelang mehato ea hao.’ ’Me ka mor’a moo ke tla tsoa.” Eaba o tloha ho Faro a tuka ke bohale.

  • 1 Likronike 12:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Ho ne ho e-na le ba bang ba Bagade ba ileng ba ikarolela ka lehlakoreng la Davida sebakeng seo ho leng thata ho se atamela lefeelleng,+ banna ba sebete, ba matla, banna ba lebotho bakeng sa ntoa, ba bolokang thebe e khōlō le lerumo li lokile,+ bao lifahleho tsa bona e neng e le lifahleho tsa litau,+ ’me ka lebelo+ ba ne ba le joaloka litšephe lithabeng.

  • Daniele 3:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Shadrake, Meshake le Abednego ba araba, ’me ba re ho morena: “Nebukadnezare, ntlheng ena ha ho letho le re tlamang hore re u arabe.+

  • Liketso 4:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Joale ha ba bona Petrose le Johanne ba bua ka ho toba, ’me ba lemoha hore e ne e le batho ba sa rutehang le ba tloaelehileng,+ ba makala. Ba qala ho hlokomela hore ba kile ba ba le Jesu;+

  • Liketso 14:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Ka hona ba qeta nako e telele ba bua ka sebete ka matla a tsoang ho Jehova, ea ileng a paka lentsoe la mosa oa hae o sa tšoanelang ka ho nehelana ka lipontšo le limakatso hore li etsahale ka matsoho a bona.+

  • 1 Bathesalonika 2:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 empa kamoo, ka mor’a hore pele re utloe bohloko+ le ho nyelisoa+ (feela joalokaha le tseba) Filipi,+ re ileng ra iteta sebete ka Molimo oa rōna ho le bolella+ litaba tse molemo tsa Molimo ka ntoa e khōlō.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela