-
1 Samuele 22:17Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
17 Eaba morena o re ho limathi+ tse emeng pel’a hae: “Retelehang ’me le bolaee baprista ba Jehova, hobane matsoho a bona le ’ona a na le Davida le hobane ba ne ba tseba hore ke ’malehi ’me ha baa ka ba ho senola tsebeng ea ka!”+ Bahlanka ba morena ba ne ba sa batle ho otlolla matsoho a bona ho hlasela baprista ba Jehova.+
-
-
Matheu 2:16Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
16 Joale Heroda, ha a bona hore linohe tsa linaleli li mo sebelitse ka mano, a halefa haholo, eaba oa romeletsa ’me o etsa hore bashanyana bohle ba Bethlehema le literekeng tsohle tsa eona ba bolaoe, ho tloha ho ba lilemo tse peli le ka tlaase, ho ea ka nako eo a neng a e netefalitse ka hloko ho linohe tsa linaleli.+
-