Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 15:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 “Haeba e mong oa barab’abo lōna a futsaneha har’a lōna ho o mong oa metse ea lōna, naheng eo Jehova Molimo oa lōna a le fang eona, le se ke la thatafatsa lipelo tsa lōna kapa la ba lekhonatha ho mor’abo lōna oa mofutsana.+

  • Pesaleme 41:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 41 Ho thaba mang kapa mang ea nahanelang motho ea tlaase;+

      Jehova o tla mo pholosa letsatsing la tlokotsi.+

  • Liproverbia 14:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Ea nyelisang oa habo o etsa sebe,+ empa ho thaba ea bontšang mohau ho ba hlorileng.+

  • Liproverbia 19:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Ea bontšang mohau ho ea tlaase o alima Jehova,+ ’me O tla mo buseletsa tšoaro ea hae.+

  • Liproverbia 22:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Ea leihlo le mosa o tla hlohonolofatsoa, etsoe o file ea tlaase lijo tsa hae.+

  • Esaia 58:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Na hase hore le arolele ea lapileng bohobe,+ le hore le tlise batho ba hlorileng, ba hlokang mahae ka matlung a lōna?+ Hore, haeba le bona ea hlobotseng, le mo apese,+ le hore le se ke la ipatela nama ea lōna?+

  • 2 Bakorinthe 9:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Empa ha e le ho sena, ea jalang hanyenyane+ o tla boela a kotule hanyenyane; ea jalang haholo+ o tla boela a kotule haholo.

  • Baheberu 13:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Ho feta moo, le se ke la lebala ho etsa se molemo+ le ho arolelana lintho le ba bang, kaha Molimo o khahlisoa+ ke mahlabelo a joalo.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela