Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Numere 23:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 Bonang, sechaba se tla tsoha joaloka tau,

      ’Me joaloka tau se tla phahama.+

      Se ke ke sa robala se e-s’o je phofu,

      ’Me se tla noa+ mali a ba bolailoeng.”

  • Baahloli 14:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Ka lebaka leo Samsone a theohela Timna+ le ntat’ae le ’m ’ae. Ha a fihla lirapeng tsa morara tsa Timna, joale, bonang! taoana e moetse e ne e puruma ha e mo khahlanyetsa.

  • Baahloli 14:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Kahoo banna ba motse ba re ho eena ka letsatsi la bosupa le pele a ka ea kamoreng e ka hare:+

      “Ke eng e monate ho feta mahe a linotši,

      ’Me ke eng e matla ho feta tau?”+

      Eaba o re ho bona:

      “Haeba le ne le sa lema ka khomo ea ka e nyenyane,+

      Le ka be le sa rarolla selotho sa ka.”+

  • Esaia 31:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Etsoe sena ke seo Jehova a mpoleletseng sona: “Feela joalokaha tau e rora, hammoho le taoana e moetse,+ ka lebaka la phofu ea eona, ha e bitselitsoe palo e feletseng ea balisa, ’me ho sa tsotellehe mantsoe a bona e sa tšohe ’me ho sa tsotellehe moferefere oa bona e sa iname; ka tsela e tšoanang Jehova oa mabotho o tla theoha ho tla loanela Thaba ea Sione le leralla la eona.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela