Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Liproverbia 10:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 Mantsoeng a mangata tlōlo ha e tlohele ho ba teng,+ empa ea thibang molomo oa hae o etsa ka masene.+

  • Liproverbia 12:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Motho e mobe o tšoasoa ke tlōlo ea molomo,+ empa ea lokileng o tsoa mahlomoleng.+

  • Liproverbia 18:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Molomo oa ea hlokang kelello ke tšenyeho ea hae,+ ’me molomo oa hae ke leraba bakeng sa moea oa hae.+

  • Matheu 12:36
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 36 Ke le bolella hore polelo e ’ngoe le e ’ngoe e sa ruiseng molemo eo batho ba e buang, ba tla ikarabella+ malebana le eona ka Letsatsi la Kahlolo;

  • Jakobo 1:26
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 Haeba motho leha e le ofe a ipona eka ke morapeli+ ea khomaretseng molao leha ho le joalo a sa laole leleme+ la hae joalokaha eka ke ka tōmo, empa a tsoela pele ho thetsa pelo+ ea hae, mofuta oa borapeli oa motho enoa ke lefeela.+

  • Jakobo 3:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Ka lona re boka Jehova,+ Ntate,+ leha ho le joalo ka lona re rohaka+ batho ba bileng teng ka “setšoantšo sa Molimo.”+

  • Juda 16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Batho bana ke bakorotli,+ ba belaelang ka tse ba hlahelang bophelong, ba tsoela pele ho ea ka litakatso tsa bona,+ ’me melomo ea bona e bua lintho tsa boikhohomoso,+ ha ba ntse ba khahloa ke batho ba phahameng+ molemong oa bona.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela