25 Haeba motho a siteloa motho,+ Molimo o tla mo ahlolela;+ empa haeba motho a ka siteloa Jehova,+ ke mang ea tla mo rapella?”+ Empa ba ne ba sa mamele lentsoe la ntat’a bona,+ hobane joale Jehova o ne a khahliloe ke ho ba bolaea.+
3 Bara ba hae ha baa ka ba tsamaea litseleng tsa hae,+ empa ba ne ba sekametse ho latela phaello e sa lokang+ ’me ba ne ba amohela tjotjo+ ebile ba khopamisa kahlolo.+
14 Hang-hang Davida a re ho bahlanka bohle ba hae ba neng ba e-na le eena Jerusalema: “Emang, ’me re baleheng;+ etsoe re ke ke ra phonyoha ka lebaka la Absalome! Tsamaeang ka potlako, esere a potlaka ’me a re fumana eaba o re tlisetsa se sebe ’me o hlasela motse ka bohale ba sabole!”+