19 Joale ona ke motheo bakeng sa kahlolo, hore leseli+ le tlile lefatšeng+ empa batho ba ratile lefifi ho e-na le leseli,+ kaha mesebetsi ea bona e ne e le khopo.
35 Ka hona Jesu a re ho bona: “Leseli le tla ba har’a lōna ka nakoana e eketsehileng. Tsamaeang ha le sa na le leseli, e le hore lefifi+ le se ke la le hlōla ka matla; ’me ea tsamaeang lefifing ha a tsebe moo a eang.+
19 Ba ile ba tsoa ho rōna, empa e ne e se ba mofuta oa rōna;+ etsoe haeba e ne e bile ba mofuta oa rōna, ba ka be ba lutse le rōna.+ Empa ba ile ba tsoa e le hore ho ka bonahala ka ho hlakileng hore hase bohle bao e leng ba mofuta oa rōna.+