8 Jehova o tla laela hore ho be le tlhohonolofatso lipolokelong tsa hao tsa phepelo+ le mosebetsing o mong le o mong oa hao,+ ’me ka sebele o tla u hlohonolofatsa naheng eo Jehova Molimo oa hao a u fang eona.
22 Ba ke ke ba haha ’me e mong a lule teng; ba ke ke ba lema ’me e mong a je. Etsoe matsatsi a sechaba sa ka a tla ba joaloka matsatsi a sefate;+ ’me bakhethoa ba ka ba tla sebelisa mosebetsi oa matsoho a bona ka botlalo.+