Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 25:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 O tla metsa lefu ka ho sa feleng,+ ’me ka sebele ’Musi Morena Jehova o tla hlakola meokho lifahlehong tsohle.+ O tla tlosa nyeliso ea batho ba hae lefatšeng lohle,+ etsoe Jehova o boletse hoo.

  • Mareka 12:26
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 Empa malebana le bafu, hore baa tsosoa, na ha lea ka la bala bukeng ea Moshe, tlalehong e mabapi le sehlahla se meutloa, kamoo Molimo a ileng a re ho eena, ‘Ke ’na Molimo oa Abrahama le Molimo oa Isaka le Molimo oa Jakobo’?+

  • Johanne 11:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 Maretha a re ho eena: “Kea tseba hore o tla tsoha tsohong+ ka letsatsi la ho qetela.”

  • Johanne 11:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 Jesu a re ho eena: “Ke ’na tsoho le bophelo.+ Ea bontšang tumelo ho ’na, esita le hoja a ka shoa, o tla phela;+

  • 1 Bakorinthe 15:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Etsoe kaha lefu+ le teng ka motho, tsoho+ ea bafu le eona e teng ka motho.

  • 1 Bathesalonika 4:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Etsoe haeba tumelo ea rōna ke hore Jesu o ile a shoa eaba o tsoha hape,+ kahoo, hape, ba robetseng lefung ka Jesu Molimo o tla ba tlisa hammoho le eena.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela