20 Letsatsi la hao ha le sa tla hlola le likela, kapa khoeli ea hao e fifale; etsoe ho uena Jehova o tla fetoha leseli le hlolang ka nako e sa lekanyetsoang,+ ’me matsatsi a ho siama ha hao a tla be a phethehile.+
4 Ha e le khanya ea hae, e ile ea e-ba feela joaloka leseli.+ O ne a e-na le mahlaseli a mabeli a tsoang letsohong la hae, ’me matla a hae a ne a ipatile moo.+
11 Letsatsi—khoeli—tsa ema tsi!+ libakeng tsa tsona tsa bolulo tse phahameng.+ Metsu ea hao ea ’na ea tsoa joaloka leseli.+ Ho halima ha lerumo la hao ea e-ba khanya.+
5 Hape, bosiu ha bo sa tla hlola bo e-ba teng,+ ’me ha ba hloke leseli la lebone leha e le hore ba na le khanya ea letsatsi, hobane Jehova Molimo o tla ba khantšetša leseli,+ ’me ba tla busa e le marena ka ho sa feleng le kamehla.+