Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Likronike 28:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Ka lebaka leo Jehova Molimo oa hae a nehelana ka eena letsohong+ la morena oa Syria,+ hoo ba ileng ba mo hlaba ’me ba hapa baholehuoa ba bangata ho eena ’me ba ba tlisa Damaseka.+ Hape ha nehelanoa ka eena letsohong la morena oa Iseraele,+ hoo a ileng a mo bolaea ka polao e khōlō.

  • 2 Likronike 28:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Ha e le Bafilista,+ ba futuhela metse ea Shefela+ le Negebe+ ea Juda ’me ba hapa Bethe-shemeshe+ le Ajalone+ le Gederothe+ le Soko+ le metse e itšetlehileng ka eona le Timna+ le metse e itšetlehileng ka eona le Gimzo le metse e itšetlehileng ka eona; ba lula moo.

  • 2 Likronike 33:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Qetellong Jehova a tlisa khahlanong le bona+ balaoli ba lebotho la morena oa Assyria,+ kahoo ba hapa Manase likoting+ ’me ba mo tlama+ ka litlamo tse peli tsa koporo eaba ba mo isa Babylona.

  • Jeremia 26:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 “Mikea+ oa Moreshethe+ o ne a profeta matsatsing a Ezekiase morena oa Juda+ ’me a tsoela pele ho re ho sechaba sohle sa Juda, ‘Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng: “Sione e tla lengoa joaloka tšimo feela,+ ’me Jerusalema e tla fetoha qubu feela ea lithako,+ ’me thaba ea Ntlo e tla ba libaka tse phahameng tsa moru.”’+

  • Mikea 3:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Ka hona ka lebaka la lōna Sione e tla lengoa joaloka tšimo feela, le Jerusalema e tla fetoha qubu feela ea lithako,+ ’me thaba ea ntlo e tla ba joaloka libaka tse phahameng tsa moru.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela