Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jeremia 25:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Etsoe sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a mpoleletseng sona: “Nka senoelo sena sa veine ea khalefo letsohong la ka, ’me u se noese lichaba tsohle tseo ke u romelang ho tsona.+

  • Joele 3:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 “Lichaba li ke li tsosoe ’me li nyolohele khohlong ea Josafate;+ kaha ke moo ke tla lula e le hore ke ahlole lichaba tsohle tse pota-potileng.+

  • Sofonia 3:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 “‘Ka hona lulang le ntebeletse,’+ ho bolela Jehova, ‘ho fihlela letsatsing la ha ke ema bakeng sa khapo,+ etsoe qeto ea ka ea boahloli ke ho bokella lichaba,+ hore ke phuthe mebuso, e le hore ke tšollele nyatso ea ka holim ’a eona,+ bohale bohle ba ka bo tukang; kaha ka mollo oa cheseho ea ka lefatše lohle le tla timetsoa.+

  • Zakaria 14:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 “Ka sebele Jehova o tla tsoa ’me a loane khahlanong le lichaba tseo+ joaloka letsatsing la ho loana ha hae, letsatsing la ntoa.+

  • Baroma 1:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Etsoe khalefo+ ea Molimo e ntse e senoloa ho tsoa leholimong khahlanong le ho hloka bomolimo hohle le ho se loke+ hohle ha batho ba hatellang ’nete+ ka tsela+ e sa lokang,

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela