55Helang, lōna bohle ba nyoriloeng!+ Tloong metsing.+ Le ba se nang chelete! Tloong, le reke ’me le je.+ E, tloong, le reke veine+ le lebese+ ntle ho chelete le ntle ho tefello.+
11 “‘Bonang! Matsatsi aa tla,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘’me ke tla romela tlala naheng, tlala, eseng bakeng sa bohobe, le lenyora, eseng bakeng sa metsi, empa bakeng sa ho utloa mantsoe a Jehova.+
17 Moea+ le monyaluoa+ ba ntse ba re: “Tloo!” Mang kapa mang ea utloang a ke a re: “Tloo!”+ Mang kapa mang ea nyoriloeng a ke a tle;+ mang kapa mang ea lakatsang a ke a nke metsi a bophelo ntle ho tefo.+