Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 6:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Eaba o tsoela pele ho re: “E-ea, ’me u re ho batho bana, ‘Utloang ka ho pheta-pheta, empa le se ke la utloisisa; bonang ka ho pheta-pheta, empa le se ke la ba le tsebo leha e le efe.’+

  • Esaia 56:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Balebeli ba hae ba foufetse.+ Ha ho le ea mong oa bona ea elang hloko.+ Kaofela ha bona ke lintja tse sa khoneng ho bua; ha ba khone ho bohola,+ baa hemesela, baa robala, ba rata ho re shoa!+

  • Esaia 61:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 61 Moea oa ’Musi Morena Jehova o holim ’a ka,+ ka lebaka la hore Jehova o ntlotselitse+ hore ke bolelle ba bonolo litaba tse molemo.+ O nthometse hore ke tlamise ba robehileng lipelo,+ ke phatlalatse tokoloho ho ba isitsoeng kholehong+ le ho tutuboloha ho hoholo ha mahlo ho batšoaruoa;+

  • Jeremia 4:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 Etsoe sechaba sa ka ke maoatla.+ Ha sea nkela hloko.+ Ke bara ba seng bohlale; ’me ha ba na kutloisiso.+ Ba hlalefetse ho etsa bobe, empa ha ba na tsebo ea ho etsa se molemo.+

  • Ezekiele 12:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 “Mor’a motho, u lutse ka har’a ntlo e tletseng borabele,+ e nang le mahlo a ho bona empa a sa bone,+ e nang le litsebe tsa ho utloa empa li sa utloe,+ etsoe ke ntlo e tletseng borabele.+

  • Luka 4:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 “Moea+ oa Jehova o holim ’a ka, hobane o ntlotselitse hore ke bolelle mafutsana litaba tse molemo, o nthometse hore ke bolelle baholehuoa tokollo le hore ba foufetseng ba boele ba bone, ho etsa hore ba hateletsoeng ba tsamaee ba lokolohile,+

  • 2 Bakorinthe 4:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 bao har’a bona molimo oa tsamaiso ena ea lintho+ a foufalitseng likelello tsa ba sa lumelang,+ e le hore khanya+ ea litaba tse molemo tse khanyang+ tse mabapi le Kreste, eo e leng setšoantšo+ sa Molimo, e se ke ea khanya.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela