16 Le khelohile hakaakang! Na sebōpi se ka lekanngoa le letsopa?+ Etsoe na ntho e entsoeng e ka re ho moetsi oa eona: “Ha kea etsoa ke eena”?+ Na ntho e entsoeng e ka re ho moetsi oa eona: “Ha aa ka a bontša kutloisiso”?+
6 “‘Na ha ke khone ho le etsa joaloka sebōpi see, lōna ba ntlo ea Iseraele?’ ho bolela Jehova. ‘Bonang! Joaloka letsopa letsohong la sebōpi, le lōna le joalo letsohong la ka, Lōna ba ntlo ea Iseraele.+
20 Joale, uena motho,+ ha e le hantle u mang hore ebe u arabisa Molimo?+ Na ka sebele ntho e bōpiloeng e tla re ho ea e bōpileng, “Ke hobane’ng ha u ile ua nketsa ka tsela+ ee?”