Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 60:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 “Bara ba ba u hlorisang ba tla ea ho uena, ba iname;+ ’me bohle ba u hlomphollang ba tla khumama bohatong ba maoto a hao,+ ’me ba tla lokela ho u bitsa motse oa Jehova, Sione+ ea Mohalaleli oa Iseraele.

  • Jeremia 31:33
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 33 “Etsoe sena ke selekane+ seo ke tla se hlaba le ba ntlo ea Iseraele ka mor’a matsatsi ao,”+ ho bolela Jehova. “Ke tla kenya molao oa ka ka har’a bona,+ ke o ngole lipelong tsa bona.+ Ke tla ba Molimo oa bona, ’me e tla ba sechaba sa ka.”+

  • Jeremia 32:38
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 38 Ka sebele e tla ba sechaba sa ka,+ ’me ke tla ba Molimo oa bona.+

  • Zakaria 8:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Ka sebele ke tla ba tlisa, ’me ba tla lula har’a Jerusalema;+ ’me e tla ba sechaba sa ka,+ ’me ke tla ba Molimo oa bona ka ’nete le ka ho loka.’”+

  • Baheberu 8:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 “‘Etsoe sena ke selekane seo ke tla se etsa le ba ntlo ea Iseraele ka mor’a matsatsi ao,’ ho bolela Jehova. ‘Ke tla kenya melao ea ka ka likelellong tsa bona, ’me ke tla e ngola ka lipelong+ tsa bona. Ke tla ba Molimo+ oa bona, ’me bona e tla ba sechaba sa ka.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela