8 Ka sebele ho tla ba le tsela e khōlō+ moo, tsela ka boeona; e tla bitsoa Tsela ea Khalalelo.+ Ea sa hloekang a ke ke a feta ho eona.+ E tla ba bakeng sa ea tsamaeang tseleng, ’me ha ho maoatla a tla lelera ho eona.
21 Ha e le batho ba hao, kaofela ha bona e tla ba ba lokileng;+ ba tla rua naha ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+ lehlōmela la seo ke se lemileng,+ mosebetsi oa matsoho a ka,+ hore ke tlotlisoe.+
15 “Bona! Lithabeng maoto a ea tlisang litaba tse molemo, ea phatlalatsang khotso.+ Uena Juda, keteka mekete ea hao.+ Phetha boitlamo ba hao;+ hobane motho leha e le ofe ea se nang molemo ha a sa tla hlola a feta ho uena.+ Ka sebele o tla felisoa kaofela ha hae.”+
27 Empa ntho leha e le efe e sa halaleleng le mang kapa mang ea tsoelang pele ka ntho e nyonyehang+ le leshano+ li ke ke tsa kena ho oona ka tsela leha e le efe;+ ho tla kena feela ba ngotsoeng moqolong oa bophelo oa Konyana.+