22 Ke tla kena kahlolong+ le eena, ka lefu la seoa+ le ka mali;+ le pula e tšolohang ea litloebelele le majoe a sefako,+ ’me ke tla nesa mollo+ le sebabole holim ’a hae le holim ’a lihlopha tsa hae le holim ’a lichaba tse ngata tse tla beng li e-na le eena.+
8 Etsoe sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng, ‘Ka mor’a khanya+ o nthometse ho lichaba tse neng li le tlatlapa;+ kaha ea le amang+ o ama leihlo la ka.+
3 Letsatsing leo+ ke tla etsa Jerusalema lejoe le boima+ ho lichaba tsohle. Ruri bohle ba le phahamisang ba tla fumana mengoapo e tebileng; ’me ka sebele lichaba tsohle tsa lefatše li tla bokelloa khahlanong le eona.+