10 “Palo ea bara ba Iseraele e tla ba joaloka lehlabathe la leoatle le ke keng la lekanngoa kapa la baloa.+ Sebakeng seo ho sona ho neng ho tloaetsoe hore ho thoe ho bona, ‘Ha le sechaba sa ka,’+ ho tla thoe ho bona, ‘Bara ba Molimo ea phelang.’+
11 “Ka sebele lichaba tse ngata li tla kopanngoa le Jehova letsatsing leo,+ ’me li tla fetoha batho ba ka;+ ’me ke tla lula ka hare ho uena.” U tla lokela ho tseba hore Jehova oa mabotho o nthomile ho uena.+