12 Ha Zeba le Zalmuna ba baleha, hang-hang a ba lelekisa ’me a hapa marena a mabeli a Midiane, Zeba le Zalmuna;+ ’me a etsa hore batho bohle ba lulang liahelong ba thothomele.
28 Kahoo Bamidiane+ ba hlōloa ka pel’a bara ba Iseraele, ’me ha baa ka ba hlola ba phahamisa hlooho; ’me naha ha ea ka ea boela ea khathatsoa ka lilemo tse mashome a mane matsatsing a Gideone.+
26 Ka sebele Jehova oa mabotho o tla mo tsokela sephali+ joaloka nakong ea ha Midiane e hlōloa ke lefika Orebe;+ lere la hae le tla ba leoatleng,+ ’me ka sebele o tla le phahamisa ka tsela eo a ileng a etsa ka eona ho Egepeta.+