10 Ba ke ke ba lapa,+ kapa ba nyoroa,+ kapa ba otloa ke mocheso o bataolang kapa letsatsi.+ Etsoe Ea ba hauhelang o tla ba etella pele,+ ’me o tla ba isa lilibeng tsa metsi.+
13 ‘hobane ho na le lintho tse peli tse mpe tseo sechaba sa ka se li entseng: Se ntlohetse,+ ’na mohloli oa metsi a phelang,+ e le hore se ichekele liliba, liliba tse phatlohileng, tse ke keng tsa boloka metsi.’
17 hobane Konyana,+ e leng har’a terone, e tla ba lisa,+ ’me e tla ba tataisetsa lilibeng tsa metsi+ a bophelo. Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona.”+
17 Moea+ le monyaluoa+ ba ntse ba re: “Tloo!” Mang kapa mang ea utloang a ke a re: “Tloo!”+ Mang kapa mang ea nyoriloeng a ke a tle;+ mang kapa mang ea lakatsang a ke a nke metsi a bophelo ntle ho tefo.+