Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esdrase 3:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Ha khoeli ea bosupa+ e fihla bara ba Iseraele ba ne ba le metseng ea bona. Batho ba qala ho bokana Jerusalema+ joaloka motho a le mong.+

  • Esdrase 9:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Hona joale ka motsotsoana molemo+ o tsoang ho Jehova Molimo oa rōna o tlile ka ho re siela ba phonyohang+ le ka ho re fa thakhisa sebakeng sa hae se halalelang, ho khantša mahlo a rōna,+ Molimo oa rōna, le ho re hlasimolla hanyenyane bohlankeng ba rōna.+

  • Esaia 12:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Letsatsing leo+ ka sebele u tla re: “Ke tla u leboha, Jehova, etsoe le hoja u ile ua ntukela ka bohale, qetellong bohale ba hao bo ile ba tloha,+ ’me ua ntšelisa.+

  • Esaia 32:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Sechaba sa ka se tla lula sebakeng sa bolulo sa khotso le bolulong bo tletseng kholiseho e feletseng le libakeng tsa bolulo tseo ho seng khathatso ho tsona.+

  • Jeremia 30:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 “Ha e le uena, u se ke ua tšaba, Uena mohlanka oa ka Jakobo,” ho bolela Jehova, “’me u se ke ua tšoha, Uena Iseraele.+ Etsoe bona! ke u pholosa u le hōle le bana ba hao naheng ea kholeho ea bona.+ Ka sebele Jakobo o tla khutla ’me a se ke a khathatsoa ’me a lule ka boiketlo, ’me ha ho na ea tla baka ho thothomela.”+

  • Ezekiele 28:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 Ha ho sa tla hlola ho e-ba le motsu o bolaeang+ ka tlung ea Iseraele kapa moutloa o bohloko ho bohle ba ba potolohileng, ba ba nyelisang; ’me batho ba tla lokela ho tseba hore ke ’na ’Musi Morena Jehova.”’

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela