12 Ke tla feta naheng ea Egepeta bosiung+ bona ’me ke bolaee letsibolo le leng le le leng naheng ea Egepeta, ho tloha ho motho ho ea ho phoofolo;+ ke tla phethisa likahlolo ho melimo eohle ea Egepeta.+ Ke ’na Jehova.+
12 Ke tla hotetsa mollo matlong a melimo ea Egepeta;+ ka sebele o tla a chesa ’me a ba etelle pele ba holehiloe ’me a ithatele naheng ea Egepeta, feela joalokaha molisa a ithatela ka seaparo sa hae,+ ’me o tla tloha teng ka khotso.
25 “Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, o itse, ‘Bonang! ke lebisa tlhokomelo ea ka ho Amone+ ea tsoang No+ le ho Faro le ho Egepeta le ho melimo+ ea eona le ho marena+ a eona, esita le ho Faro le ho bohle ba mo tšepileng.’+
13 “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ke tla boela ke senye litšoantšo tse rapeloang tse nyonyehang+ ’me ke felise melimo ea lefeela Nofe,+ ’me ha ho sa tla hlola ho e-ba le morenana ea tsoang naheng ea Egepeta; ka sebele ke tla tlisa tšabo naheng ea Egepeta.+