Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jeremia 7:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 Empa ha baa ka ba mamela, kapa ba sekeha tsebe,+ empa ba ile ba qala ho tsamaea ho ea ka merero le ho ea ka manganga a lipelo tsa bona tse mpe,+ hoo ba ileng ba khutlela morao ba se ke ba ea pele,+

  • Jeremia 11:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Ba khutletse liphosong tsa baholo-holo ba bona,+ ba pele, ba hanneng ho mamela mantsoe a ka, empa ba latela melimo e meng hore ba e sebeletse.+ Ba ntlo ea Iseraele le ba ntlo ea Juda ba tlōtse selekane sa ka seo ke se hlabileng le baholo-holo ba bona.+

  • Ezekiele 20:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 “‘“Empa bona, ba ntlo ea Iseraele, ba ile ba mphetohela lefeelleng.+ Ha baa ka ba tsamaea litaelong tsa ka tse hlomamisitsoeng,+ ’me ba lahlile liqeto tsa ka tsa boahloli,+ tseo, haeba motho a ka tsoela pele ho li phetha, a tla boela a tsoele pele a phela ka tsona.+ Ba silafalitse lisabatha tsa ka haholo,+ hoo ke ileng ka tšepisa ho tšollela khalefo ea ka holim ’a bona lefeelleng, e le hore ke ba felise.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela