Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Baahloli 10:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Empa bara ba Iseraele ba re ho Jehova: “Re entse sebe.+ Re etse ho ea ka ntho leha e le efe e molemo mahlong a hao.+ Ka kōpo, u mpe u re lopolle, letsatsing lena.”+

  • 2 Likronike 20:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 ‘Haeba re ka tleloa ke tlokotsi,+ sabole, kahlolo e bohale, kapa lefu la seoa+ kapa tlala,+ e-re re eme ka pel’a ntlo+ ena le ka pel’a hao (etsoe lebitso+ la hao le ka tlung ena), e le hore re ka hoeletsa ho uena ho kōpa thuso mahlomoleng a rōna, ’me e se eka u ka utloa le ho pholosa.’+

  • Pesaleme 78:34
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 34 Nako le nako ha a ne a ba bolaea, le bona ba ne ba botsa ka eena,+

      Ebe baa khutla ’me ba batla Molimo.+

  • Pesaleme 106:47
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 47 Re pholose, Jehova Molimo oa rōna,+

      U re phuthe lichabeng+

      Hore re lebohe lebitso la hao le halalelang,+

      Hore re bue ka thabo e khaphatsehang ka thoriso ea hao.+

  • Esaia 26:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Jehova, ba lebisitse tlhokomelo ea bona ho uena nakong ea mahlomola;+ ba hoeshelitse thapelo ha ba lauoa ke uena.+

  • Hosea 5:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Ke tla ea, ke tla khutlela sebakeng sa ka ho fihlela ba jara molato oa bona;+ ’me ka sebele ba tla batla sefahleho sa ka.+ Ha ba le mahlomoleng,+ ba tla mpatla.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela