6 Ka lebaka leo morena le banna ba hae ba ea Jerusalema ba futuhela Bajebuse+ ba lulang naheng eo, eaba ba qala ho re ho Davida: “U ke ke ua kena mona, empa ka sebele ba foufetseng le ba holofetseng ba tla u leleka,”+ ba nahana hore: “Davida a ke ke a kena mona.”
4 Ke hobane’ng ha u ithorisa ka likhohlo, khohlo ea hao e phallang,+ Uena morali ea sa tšepahaleng, uena ea tšepileng matlotlo a hae,+ ea reng: “Ke mang ea tla tla ho ’na?”’”+
3 Ho iketelletsa pele ha pelo ea hao ke hona ho u thetsitseng,+ uena ea lulang tšireletsong ea lefika,+ bophahamong boo a lulang ho bona, a re ka pelong ea hae, ‘Ke mang ea tla ntheolela fatše?’