Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 19:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 “‘Le se ke la etsa ka ho hloka toka kahlolong. Le se ke la tšoara ea tlaase ka leeme,+ ’me le se ke la emela e moholo.+ Le ahlole oa habo lōna ka toka.

  • Deuteronoma 16:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 “U lokela ho ipehela baahloli+ le balaoli+ ka har’a liheke tseo Jehova Molimo oa hao a u fang tsona ka meloko ea hao, ’me ba ahlole sechaba ka kahlolo e lokileng.

  • Esaia 1:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Ithuteng ho etsa se molemo;+ batlang toka;+ lokisang mohatelli;+ ahlolelang moshanyana ea se nang ntate;+ buellang nyeoe ea mohlolohali.”+

  • Jeremia 21:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Lōna ba ntlo ea Davida,+ sena ke seo Jehova a se boletseng: “Hoseng+ ho hong le ho hong le ahlole ka toka,+ ’me le lopolle ea tlatlapuoang letsohong la molotsana,+ e le hore khalefo ea ka e se ke ea tsoa joaloka mollo+ ’me ea tuka ’me ha se ke ha e-ba le ea ka e timang ka lebaka la bobe ba mesebetsi ea lōna.”’+

  • Ezekiele 22:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Ba ile ba eisa ntate le ’mè ba leng ho uena.+ Ba etselitse mojaki ea leng ka hare ho uena bolotsana.+ Ba tšoere moshanyana ea se nang ntate le mohlolohali ea leng ho uena hampe.”’”+

  • Ezekiele 22:29
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 29 Sechaba se ntšetsa pele morero oa bolotsana ka ho nka ka mahahapa+ ’me se rusolotse ka tlatlapo,+ se tšoere ea hlorileng le mofutsana hampe,+ ’me se etselitse mojaki bolotsana ho se na toka.’+

  • Mikea 2:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Ba lakalitse masimo ebile ba a nkile;+ le matlo, ’me ba a nkile; ba etselitse monna ea shahlileng bolotsana le ba ntlo ea hae,+ monna le lefa la hae.+

  • Zakaria 7:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 “Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng, ‘Etsang kahlolo ea lōna ka toka ea ’nete;+ ’me le etsetsane mosa o lerato+ le mehauhelo;+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela